Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Aarone o otlollela letsoho la hae metsing a Egepeta; dihohwana tsa hlaha, tsa aparela naha ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Arone a otlollela letsoho la hae hodima metsi a Egepeta, mme ha tswa dihohwana, tsa aparela naha ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:6
17 Referencias Cruzadas  

O moholo kannete, Jehova Modimo, etswe ho se ya kang wena, ho se le modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka ditsebe tsa rona.


a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona!


Fatshe la bona la tlala dihohwana, tsa kena le ka matlung a marena a bona.


Wa ba romela menwang e neng e ba qeta, le dihohwana tse neng di ba tshwenya.


Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao!


Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.


le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe.


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.


Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.


Tsohle tse ka metsing, tse se nang maphewana a ho hlapa le makgakgapha, e tla ba manyala ho lona.


Hobane lefika la bona ha le jwaloka Lefika la rona; esita le bao e leng dira ho rona, ba ka ahlola jwalo.


Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Yaba ke bona ho etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata, meya e ditshila e meraro, e kang dihoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos