Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:21
7 Referencias Cruzadas  

A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.


Wa ba romela menwang e neng e ba qeta, le dihohwana tse neng di ba tshwenya.


Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.


Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos