Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme nna, ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke atise dipontsho tsa ka le dimakatso tsa ka naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Feela nna ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke etse mehlolo le dimakatso tsa ka tse ngata naheng ya Egepeta,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 7:3
25 Referencias Cruzadas  

wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno.


Hara wena, Egepeta, o hlahisitse dipontsho le mehlolo e kileng ya lwantsha Faro le bahlanka ba hae kaofela.


O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.


Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Jehova a re ho Moshe: Faro ha a ka ke a le utlwa, e le hore mehlolo ya ka e tle e atiswe naheng ya Egepeta.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Moshe le Aarone ba ya, ba phutha baholo ba bana ba Iseraele kaofela;


Yaba o re: Busetsa letsoho la hao sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hao sefubeng sa hae; a bona le boetse le le jwaloka nama ya hae.


Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta.


Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos