Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.
Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.
Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.
Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.
a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.