Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke bona boAarone le Moshe, bona bao Jehova a itseng ho bona: Ntshang bana ba Iseraele Egepeta ka makgotla a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:26
23 Referencias Cruzadas  

Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng.


Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.


Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.


Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo.


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


Ke ana maeto a bana ba Iseraele haesale ba etswa naheng ya Egepeta, ka makgotla a bona a neng a tsamaiswa ke Moshe le Aarone.


Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.


Samuele a eketsa a re ho setjhaba: Jehova ke yena ya neng a bee Moshe le Aarone, ya ntshitseng bontata lona lefatsheng la Egepeta.


Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos