Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke moo balaedi ba bana ba Iseraele ba boneng hoba ba dutse bothateng, ha ho thwe: Le se ke la qephisa palo ya setene sa lona sa tsatsi le leng le le leng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Baokamedi ba bana ba Iseraele ba iphumana ba le tsietsing, ha ho thwe: “Le ke ke la fokotsa palo ya ditene tsa letsatsi le leng le le leng le hanyenyane feela.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 5:19
6 Referencias Cruzadas  

Tsamayang bo! le sebetse, mme ha le ka ke la fuwa setroi, empa le tla nne le phethe palo ya setene.


Ba teana le Moshe le Aarone, ba eme ba ba lebeletse ha ba etswa ho Faro;


Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos