Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla nka ole ya setlolo, mme ka yona o tlotse tabernakele le tsohle tse ho yona; ka ho etsa jwalo, o tla e kgetha le yona mesebetsi yohle ya yona, mme e tla kgetheha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “O tla nka ole e tlotsang, o tlotse Leaho le tsohle tse kahara lona, o le halaletse hammoho le tsohle tsa lona, mme le tla halalela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:9
16 Referencias Cruzadas  

O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.


Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.


le aletare ya koporo le rostere ya koporo ya yona, le mejaro ya yona le mesebetsi yohle ya yona; le morifi le sedulwana sa wona;


Lebala lona o tla le bea ka mathoko, o bee lesela le homilweng monyako wa lebala.


Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.


Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;


Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.


Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.


o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


A ntoo foka le yona tabernakele le dipitsa tsohle tsa tshebeletso ka madi.


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos