Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.
Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.