Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala sehalalelong se pela sehalaledisiso, e mpa e sa bonwe ke ba kantle; e sa le hona teng le kajeno.
Ha etswa le sekwahelo sa kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona ya eba tswe tse pedi tse nang le halofo, bophara ba sona ya eba setswe se nang le halofo.
o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.
Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.