Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Setjhaba se se se tlisitse ho fetisa ho lekaneng mesebetsi eo Jehova a e laetseng hore e etswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba bua le Moshe, ba re: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata ho feta tse hlokwang bakeng sa ho etsa mosebetsi oo Morena a laetseng hore o etswe.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:5
8 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.


Yaba setjhaba kaofela se rola masale a kgauta a ditsebeng tsa sona, ba a tlisa ho Aarone.


Yaba banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi yohle ya sehalalelo, ba tlohela e mong le e mong mosebetsi oo a o sebetsang, ba tla, ba re ho Moshe:


Yaba Moshe o laela hore ho tumiswe diahelong taba e reng: Banna le basadi ba se ke ba hlola ba tlisa dikabelo tse abetsweng mosebetsi wa sehalalelo. Setjhaba sa thibelwa kahoo ho nna se tlisa;


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos