Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Itokisetse hore hosasane, e sa le hoseng, o nyolohele thabeng ya Sinai, o itlhahise kapele ho nna kahodima tlhoro ya thaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:2
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.


Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.


Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.


Efela ka itihela fatshe pela Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, jwalokaha ke ne ke itihetse pele, kahobane Jehova a ne a itse, o rata ho le fedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos