Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:16
23 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;


Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


Oho, jwale, le se ke la nea bara ba bona baradi ba lona, mme le se ke la nkela bara ba lona baradi ba bona; le se ke la batla setswalle sa bona, leha e le matlotlo a bona le ka mohla o le mong, le tle le tsebe ho ipha matla, mme le je monono wa naha, le be le e siele bana ba lona e be lefa ka ho sa feleng.


Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.


Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.


Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe.


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.


Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,


le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.


Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.


Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba nna ba aha hara Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Ba nyala baradi ba bona, ba nea bara ba bona baradi ba bona, mme ba sebeletsa medimo ya bona.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos