Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane Jehova o ne a itse ho Moshe: E re ho bana ba Iseraele: Le setjhaba se melala e sataletseng; hoja nka tsamaya ho se hokae le wena, ke be nka o timetsa; jwale, rola dikgabiso tsa hao, ke tle ke tsebe hore na ke tla o etsa jwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:5
16 Referencias Cruzadas  

ke sa theoha ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho nna kateng; mme ha ho se jwalo, ke tla tseba.


La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


Modimo, o ntlhohlotse, o lekole pelo ya ka;


Ba fedile jwang hanghang! Ba timela, ba senyeha, ba wa ba tshohile hampe.


Jehova a boela a re ho Moshe: Ke se bone setjhaba seno, mme ke re, ke setjhaba se melala e sataletseng.


Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.


Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos