Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:16
15 Referencias Cruzadas  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos