Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: ‘Nyolla setjhaba sena,’ empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: ‘Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.’

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:12
16 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.


Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.


Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.


Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.


lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos