Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 A re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae thekeng la hae, le ye le diahelo ho tloha monyakong o mong ho ya ho o mong, mme e mong le e mong wa lona a bolaye ngwanabo, mang motswalle wa hae, mang wa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:27
12 Referencias Cruzadas  

Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.


Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.


Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.


Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.


Yaba o re ho bona, ke ntse ke utlwa: Pholletsang ka motse kamora hae, le hlabake; mahlo a lona a se ke a qenehela, le hloke mohau;


Yaba Moshe o re ho baahlodi ba Iseraele: E mong le e mong wa lona a bolaye batho ba habo ba kgomaretseng Baale-Peore.


Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos