Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:22
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.


Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?


Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?


Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ho tla nne ho ise kae, le ntse le hana ho boloka taelo tsa ka le melao ya ka?


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?


Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.


Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!


Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


Saule a re: Ba di nkile ho Baamaleke, hobane setjhaba se qenehetse dinku le dikgomo tse ntle, e le hore se hlabele Jehova, Modimo wa hao; ho hong re ho neetse anathema.


Ke setjhaba se nkileng tsa kgapo, dinku, le dikgomo tse ntle ho tse neng di neetswe anathema, ka ho re, se tla di hlabela Jehova, Modimo wa hao, Gilgale.


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos