Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: ‘Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:13
23 Referencias Cruzadas  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


A ntoo mo isa kantle, a re: Lelala jwale, o tadime mahodimo, o bale dinaledi, ha ekaba o ka di bala. Yaba o re ho yena: Ditloholo tsa hao di tla ba kalo.


A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.


e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Etlere ha Jehova a o fihlisitse naheng ya Bakanana, kamoo a le hlapanyeditseng wena le bontatao kateng, mme a o neile yona,


Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


Hopola bahlanka ba hao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo; o se ke wa tadima bothata ba setjhaba sena, leha e le bokgopo ba sona, leha e le sebe sa sona,


Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos