Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Etlare ha Aarone a hoteditse dilampi mantsiboya, a tjhese dibano; e tla ba dibano tse sa feleng pela Jehova, melokong ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Mantsiboya ha Arone a hotetsa mabone, o tla nne a tjhesetsa Morena mokubetso ona, mme hona ho etswe kamehla, ho ya fihla melokong yohle e tlang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:8
12 Referencias Cruzadas  

ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.


O tle o e etsetse dilampi tse supileng; mme dilampi tseo tse supileng di ke di bewe ka mokgwa wa hore di bonesetse ka nqa kapele.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


Aarone a tjhesetse ho yona ka hosasa ho hong le ho hong dibano tse monko o monate; a di tjhese ha a lokisa dilampi.


Le se ke la tjhesetsa teng dibano disele, kapa setjheso, kapa nyehelo, mme le se ke la etsa ditshelo teng.


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos