Eksoda 30:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)34 Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima; Ver CapítuloBIBELE34 Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng. Ver Capítulo |
O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,