Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 3:9
22 Referencias Cruzadas  

Hape, lengeloi la Jehova la re ho yena: Bona, o emotse, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Ishmaele, hobane Jehova o mametse ho hloriswa ha hao.


La re: Ako lelatse mahlo a hao, o bone hobane dipheleu kaofela tse hlokang dinku ke tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo; hobane ke bone tsohle tseo Labane a o entseng tsona.


Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria.


Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


O ne a bone mahlomola a bontata rona ha ba le Egepeta, mme wa utlwa mehoweletso ya bona ha ba le pela Lewatle le Lefubedu,


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!


Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Ke ha re tla howeletsa ho Jehova, Modimo wa bontata rona, mme Jehova a utlwa lentswe la rona, a tadima mahlomola a rona, le ho sebetsa ha rona, le ho tujwa ha rona.


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos