Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;
Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.
A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.
Ke yona tokelo ya Aarone, le ya bara ba hae, eo ba e neilweng ka ho tlotsuwa ha bona, mahlabelong a tjhesetswang Jehova, ho qala ka letsatsi leo ba hlahiswang ka lona hore ba sebetse mosebetsi wa Jehova wa boprista.
Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.
Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.