Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O nke mahakwe a mabedi a onikse, o ngole ho wona mabitso a bana ba Iseraele;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:9
16 Referencias Cruzadas  

Kgauta ya naha eo e ntle; bedela e teng le lejwe la onikse.


Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.


Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.


kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.


mahakwe a onikse le mahakwe a tla kenngwa efodeng le mokgajwaneng.


mabitso a tsheletseng a ngolwe lehakweng le leng, a mang mabitso a tsheletseng lehakweng le leng, ka ho ya ka meloko ya bona.


Mahakwe ao a ke a kenngwe kgauteng, dikoomaneng tsa wona.


O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.


Senyepa se e tlamang, e be ntho e le ngwe le yona; se tla bewa hodima yona, e be sa mofuta o le mong le yona, se etswe ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.


le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi ya mefutafuta.


molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.


Ha sebetswa mahakwe a onikse, a kenngwa dikoomaneng tsa kgauta; a ngolwa ka mokgwa wa tiiso ya mangolo, a ngolwa mabitso a bana ba Iseraele;


O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.


Bona, ke o ngodile diatleng tsa ka; marako a hao a pela ka kamehla.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos