Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 28:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:12
23 Referencias Cruzadas  

Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!


Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


O tla ngola mabitso mahakweng ao a mabedi kamoo ho ka etsang ya ngolang mahakweng kateng, ka mokgwa oo ho ngolwang tiiso ya mongolo, mabitso a ngolwe ka lenaneo la bana ba Iseraele; o a kenye dikoomaneng tsa kgauta.


Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.


E be le mabanta a mabedi a yona a mahetla a e kopanyang dintlheng tsa yona tse pedi; e fele e kopanngwe jwalo.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Ke beile dibohodi marakong a hao, Jerusalema; di ke ke tsa kgutsa le ka motsotso o le mong, motshehare le bosiu. Lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola!


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Moshe le moprista Eleasare ba nka kgauta ya balaodi ba dikete le ya balaodi ba makgolo, mme ba e tlisa tenteng ya pokano, e tle e be kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova.


o hlokometse Iseraele, mohlanka wa hae, a tle a hopole mohau,


hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.


Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos