Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 27:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla etsa le lebala la tabernakele, ka nqa borwa lebala le tle le etsetswe masela a lepeletseng a line e ntle e lohilweng; a be bolelele ba tswe tse lekgolo ka lehlakoreng le leng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “O tla etsetsa leaho leo seotlwana. Ka lehlakoreng le leng, le ka nqeng ya borwa, seotlwana se tla ba le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng, a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 27:9
29 Referencias Cruzadas  

A thea lebala le kahare ka majwe a betlilweng a kolohantsweng ka boraro, le ka lethathamo la difate tsa kedare.


Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.


A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.


A etsa le lebala la baprista, le lebala le leholo, le menyako ya lona, a maneha mamati a lona ka koporo.


Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!


mabaleng a ntlo ya Jehova, kahare ho wena, Jerusalema! Bokang Jehova!


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;


ho etswe tshiya tse mashome a mabedi le didulwana tsa tsona tsa koporo tse mashome a mabedi; dipekere tsa ditshiya le dithupa tsa tsona e be tsa silefera.


le masela a lebala, le ditshiya tsa lona le didulwana tsa tsona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala;


Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng hammoho; hape, ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le qetellang masela a mang a rokeletsweng hammoho.


le masela a lepeletseng a lebala, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa lona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala, le mehala ya lona, le dithakgisa tsa lona, le mesebetsi yohle ya tshebetso ya tabernakele, le ya tente ya pokano.


Hape, a hloma lebala le potang tabernakele le aletare; a fanyeha lesela le homilweng monyako wa lebala; kahoo, Moshe a phetha mosebetsi.


Lebala lona o tla le bea ka mathoko, o bee lesela le homilweng monyako wa lebala.


Hape, a bala ditshiya tsa ditswe tse mashome a tsheletseng; mabapa le ditshiya, ho ne ho le lebala le teetseng monyako hare.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;


Lebala le kahare le lona le ne le na le monyako, mabapa le monyako wa leboya le wa botjhabela; yaba o lekanya sebaka se tlohang monyakong o mong ho isa monyakong o mong, se le ditswe tse lekgolo.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka monyako wa borwa, mme a lekanya monyako wa borwa ka tekanyo tsona tseo;


Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka nqa botjhabela, a lekanya monyako ka tekanyo tsona tseo;


Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.


Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.


le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.


le lesira la monyako wa tente ya pokano; le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare, le dikgwele tsa wona, le dintho tsohle tse kenang mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsing wa wona; ba tla etsa mosebetsi wohle o tshwanelang ntho tseo.


le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos