Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa le teng o se ke wa etsetsa mofutsana leema nyeweng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 O se ke wa ba leeme nyeweng ya mofutsana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:3
10 Referencias Cruzadas  

O se ke wa kgelosa nyewe e lokileng ya mofutsana wa heno.


Ha ho hotle ho emela tshobotsi ya moetsadibe, leha e le ho tswa ya lokileng nyeweng ya hae.


O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla;


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.


Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.


Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.


O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos