Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 “Ke tla etsa hore batho ba o lwantshang ba ntshabe, ke ferekanye bohle bao o tla fihla hara bona, ke etse hore dira tsa hao tsohle di o balehe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:27
17 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Wa ntadimisa mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.


O ntadimisitse mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.


Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;


Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.


Moabe a tshoha haholo ha a bona setjhaba se sekalo, a tshwarwa ke thothomelo ka baka la bana ba Iseraele.


ke moo Jehova a tla falatsa pela lona ditjhaba tseno tsohle, mme le tla rua naha ya ditjhaba tse le fetisang ka bongata le ka matla.


Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


ka ho lelekisa pela hao dira tsohle tsa hao, jwalokaha Jehova a boletse.


empa Jehova, Modimo wa hao, o tla o neela ditjhaba tseo, a di tshose ka tshoho e tshabehang, di be di fediswe.


Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos