Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:4
11 Referencias Cruzadas  

Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana.


Ha e mong a fudisitse tshimong kapa serapeng sa morara, mme a tlohetse kgomo tsa hae, tsa ya ja tshimo ya motho e mong, o tla lefa ka se setle sa tshimo ya hae le ka se setle sa morara wa hae.


Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.


Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.


Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos