Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:1
9 Referencias Cruzadas  

Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau.


Empa ha kgomo e ne e tsejwa hoba e ne e ntse e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a sa ka a e lebela, o tla lefa ka tefo e shwetseng, kgomo ka kgomo, lebole lona e be la hae.


Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.


Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.


ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos