Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.
Empa kgomo eo, ha e ne e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a eletswa, a mpa a se ke a e lebela, ekare ha e bolaya monna, kapa mosadi, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, le yena monga yona a bolawe.
Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.