Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 O se ke wa hlwella aletareng ya ka ka mehato, e le hore bofeela ba hao bo se ke ba apohela ho yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:26
8 Referencias Cruzadas  

Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


O ba etsetse le marikgwana a lene ho apesa bofeela ba bona; a tla tloha lethekeng, a fihle diropeng.


Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


Mothati o na le bolelele bo tswe tse leshome le metso e mene meetseng ya wona e mene; moqhaka wa wona o o potolohang o le halofo ya setswe, mme sedulo sa wona se le setswe se le seng kahohle; haele methatinyana ya ho nyoloha, e ne e lebile ka nqa botjhabela.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: halalelang, hobane ke a halalela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos