Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.
A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.
Hobane melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa lakatsa ntho ya e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akareditswe ke polelo ena e reng: Rata wa heno, jwalokaha o ithata.
Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.
Ekare ha o fumana motho ya utswitseng e mong wa banababo, e mong wa bana ba Iseraele, mme a mo entse lekgoba, kapa a rekile ka yena, leshodu leo le ke le shwe; ho tloswe bobe haeno jwalo.
Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.