Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Yaba Morena o re ho yena: “Tsamaya, o theohe, o nyolohe hape, o ena le Arone, mme baprista le setjhaba ba se ke ba phunyeletsa ho tla ho Morena, esere kgalefo ya hae ya ba tlokela.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:24
20 Referencias Cruzadas  

Ba fihla jwalo seotlong sa Kidone; yaba Ussa o isa letsoho ho tshwara areka, kahobane dipholo di ne di tlola.


O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.


Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, a se bolella.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.


Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.


Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


hobane Modimo wa rona ke mollo o timeletsang.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos