Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse ha ba tloha Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma ditente lefeelleng; Iseraele a hloma ditente malebana le thaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:2
10 Referencias Cruzadas  

Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Yaba ho tla Amaleke, a lwana le Iseraele Refidime.


Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


Ba tloha Refidime, ba emisa feelleng la Sinai.


Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.


Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.


Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos