Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, Aarone a fela a e bea pela bopaki, hore e bolokwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:34
13 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi, a neng a bewe teng ke Moshe, ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba tswa tloha naheng ya Egepeta.


O tla bea arekeng bopaki boo ke tla o nea bona.


O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


O di tudisise haholo, o di bee pela bopaki, tenteng ya pokano, moo ke tla teana le wena teng; ho lona e tla ba ntho e kgethehileng haholo.


O tla bea aletare malebana le lesira le pela areka ya bopaki, ho tadimana le sekwahelo se hodima bopaki, e leng moo ke tla teana le wena teng.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.


Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.


o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka bea matlapa arekeng eo ke e entseng, mme a dula teng jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos