Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Bonang, haele mona Jehova a le neile Sabatha, ke ka baka leo a le neang bohobe jwa matsatsi a mabedi ka tsatsi la botshelela; e mong le e mong a ke a dule ha hae, mme ho se ke ha eba le motho ya tswang ha hae ka tsatsi la bosupa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:29
9 Referencias Cruzadas  

Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ho tla nne ho ise kae, le ntse le hana ho boloka taelo tsa ka le melao ya ka?


Yaba moo setjhaba se phomolang ka tsatsi la bosupa.


Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.


Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos