Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le tla nne le ole ka matsatsi a tsheletseng, empa tsatsi la bosupa ke Sabatha, ka lona ha ho ka ke ha eba letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:26
6 Referencias Cruzadas  

Moshe a re: Bo jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha ya Jehova, kajeno le ke ke la bo fumana naheng.


Ka tsatsi la bosupa, batho ba bang ba setjhaba ba tswa ho ya ola, empa ba se ke ba fumana letho.


Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, o etse mosebetsi wa hao wohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos