Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba nna ba ola ka meso le meso, e mong le e mong kamoo a jang kateng, mme enere ha tsatsi le futhumala, ho qhibolihe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:21
8 Referencias Cruzadas  

Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.


Ka tsatsi la botshelela, ba ola bohobe habedi hakalo, ho lekana homere tse pedi ho motho a le mong; baholo kaofela ba phutheho ba tla, ba tsebisa Moshe.


O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.


Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos