19 Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang letsatsi la hosasane.
19 Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”
Le se ke la itshiella letho la yona hosasane, mme ho ka salang ha yona hosasane, le ho tjhese mollong.
Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.
A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.
O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.
Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke tsietsi ya lona.