Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: ‘Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:12
17 Referencias Cruzadas  

Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.


E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Ho thwe ke Jehova: O tla tseba ka hona hoba ke nna Jehova: Ke tla otla metsi a noka ka lere le letsohong la ka, mme a tla fetoha madi.


Bajuda ba tla ikahela teng hammoho le metse ya bona, balemi le ba tsamayang le mehlape.


Mme ba tla tseba hoba nna Jehova, Modimo wa bona, ke na le bona, le hoba bona, e leng ho re setjhaba sa Iseraele, ke setjhaba sa ka: ho rialo Morena Jehova.


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Ho qala tsatsing leo le ho isa pele, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:


Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos