Bolella bana ba Iseraele hore ba kgelohe, mme ba hlome ditente pela Pi-Hahirothe, dipakeng tsa Migdole le lewatle, malebana le Baale-Tsefone; le hlome ditente maloka le teng pela lewatle.
Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.
Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?
Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.
Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.
Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.
Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.