Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, metsi a boele hodima Baegepeta, le hodima makoloi a bona, le hodima bakalli ba bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, o etse hore metsi a kwahele Baegepeta, le dikariki tsa bona tsa ntwa, le bapalami ba bona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:26
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.


Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Otlollela letsoho la hao, le lere la hao melapong le dinokeng le matsheng, mme o nyolle dihohwana di tlale naha ya Egepeta.


Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle?


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos