Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ka tebelo ya meso, Jehova a shadima lekgotla la Baegepeta a le topallong ya mollo le ya leru, mme a tsherehanya lekgotla la Baegepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:24
16 Referencias Cruzadas  

Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;


Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng.


O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.


A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;


motshehare wa ba tsamaisa ka leru, le bosiu bohle ka kgabo ya mollo.


Hobane dilemo tse sekete mahlong a hao di jwaloka tsatsi la maobane, ha le se le fetile, le jwaloka tebelo ya bosiu.


Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.


A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.


leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.


Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos