Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:21
30 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.


Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.


Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.


Tsela ke efe e isang moo lesedi le arohanang teng, moo sefefo se tswang ho tla fokela lefatsheng?


Ya arohantseng Lewatle le Lefubedu ka lehare: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;


O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.


Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.


Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.


Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe.


O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.


Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla,


ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;


Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.


Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


ya ba haodisitseng hara madiba jwaloka pere e mathang lehwatateng, ba se ke ba kgoptjwa?


Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko?


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.


hobane Jehova, Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jordane pela lona, la ba la tshela, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a ne a etse Lewatleng le Lefubedu, leo a le pshesitseng pela rona, ra ba ra tshela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos