Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 E tla ba pontsho letsohong la hao, le moqhaka dipakeng tsa mahlo a hao, hoba Jehova o na a re ntshe Egepeta ka letsoho le matla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:16
18 Referencias Cruzadas  

Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.


Mme a ntsha Iseraele teng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


O di tlamelle pelong ya hao kamehla, o di rwalle molaleng wa hao.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.


Kenyang ke hona mantswe ana ao ke le bolellang wona ka dipelong tsa lona, le meyeng ya lona, mme le a tlame ho ba pontsho matsohong a lona, mme a be jwaloka meqhaka pakeng tsa mahlo a lona.


Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


O tle o bolelle mora wa hao, o re: Re ne re le bafo ba Faro Egepeta, mme Jehova o re ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla;


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos