Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 11:5
13 Referencias Cruzadas  

A otla le matsibolo kaofela naheng ya bona, e leng sehlooho sa bonna ba bona.


ke yena ya neng a otle matsibolo a Egepeta, ho qala ka batho ho isa ho makgomo.


Ya otlileng Baegepeta matsibolong a bona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.


Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.


ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.


Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.


Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.


ho basadi ba babedi ba tla beng ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.


Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos