Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diproverbia 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Molemo le nnete di se ke tsa kgaohana le wena, o ithwalle tsona molaleng wa hao, o di ngole letlapeng la pelo ya hao;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 3:3
23 Referencias Cruzadas  

Haele moo o sa tswa fihla maobane, nka o dikadikisa jwang kajeno hammoho le rona ho ya mane le mane? Haele nna, ke ya moo nka yang. Kgutla, o kgutlise le banabeno; mohau le nnete di ke di be ho wena.


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.


Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete,


hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.


Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.


Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.


Mohau le nnete di tiisa morena, ka mohau wa hae o tiisa terone ya hae.


O di tlamelle pelong ya hao kamehla, o di rwalle molaleng wa hao.


O di ngomele menwaneng ya hao, o di ngole letlapeng la pelo ya hao.


Sebe sa Juda se ngodilwe ka moseto wa tshepe, ka daemane e ntjhotjho; se ngodilwe leqepheng la dipelo tsa bona le dinakeng tsa dialetare tsa bona.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Molao wa nnete o ne o le molomong wa hae, bolotsana bo ne bo sa fumanwe molomong wa hae; o ne a tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, o bile a kgutlisa ba bangata bokgopong.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


O di tlame matsohong a hao hore e be dipontsho ho wena, mme di be jwaloka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao.


Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos