Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.
Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.
Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa.