2 Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)
2 Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,
hola e se be Jehova ya re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela,
Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,
Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)
Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)
Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)
Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)
Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?
Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?
ba hloyang moya wa ka ba rera hammoho, ba re: Modimo o mo tlohetse; mo phalleleng, le mo tshware; hobane ha a na mmoloki!
O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)
Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.
Seqha sa hao se kgurumolotswe, se hlahile; metsu ya hao ke lentswe la hao ha le kgalemela. (Sela.) O petsola lefatshe, ho le fetola dinoka.