Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Dipesaleme 127:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 127:2
17 Referencias Cruzadas  

o tla tiya pelo, hobane tshepo e tla ba teng; moo o neng o hloreha, o tla robala ka boiketlo;


Ke a sekama, ke robale boroko, mme ke boele ke phaphame, hobane Jehova o a ntiisa.


Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.


Baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe, o re thuse ka letsoho le letona la hao, o re utlwe.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko.


Mosebetsi wohle wa motho o iswa molomong wa hae; leha ho le jwalo, takatso ya hae ha e kgore.


Bakeng sa tseo ka phaphama, mme ka tadima; boroko bo ne bo le monate ho nna.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos